LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Kajeno

Labobedi la 15 July

Disa dinku tsa ka tse nyenyane.—Joh. 21:16.

Moapostola Petrose o ile a re ho baholo: “Le dise mohlape oo Modimo a le fileng wona.” (1 Pet. 5:​1-4) Haeba o moholo, re a tseba hore o rata Bakrestemmoho le wena mme o batla ho ba hlokomela. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka nna wa utlwa eka o phathahane haholo kapa o kgathetse haholo mme o ke ke wa kgona ho phetha mosebetsi ona. O ka etsang haeba o ikutlwa jwalo? Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Petrose o ile a re: “Haeba motho . . . a thusa batho ba bang, a itshetlehe ka matla a Modimo.” (1 Pet. 4:11) Bakrestemmoho le wena ba hlahelwa ke mathata a ke keng a fela hona jwale empa hopola hore “modisa ya ka sehloohong” Jesu Kreste, a ka ba thusa ho feta mang kapa mang. A ka ba thusa hona jwale ebile a ka ba thusa le lefatsheng le letjha. Modimo o batla hore baholo ba rate Bakrestemmoho le bona, ba ba hlokomele le hore ba behele “mohlape mohlala.” w23.09 29-30 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Laboraro la 16 July

Jehova o a tseba hore menahano ya ba bohlale ha e na thuso.—1 Bakor. 3:20.

Re lokela ho qoba ho nahana jwalo ka batho. Haeba re nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ya hae. (1 Bakor. 3:19) Hangata “bohlale ba batho ba lefatshe lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Modimo. Bakreste ba bang ba phutheho ya Pergame le ya Thiatire ba ile ba susumetswa ke batho ba neng ba rapela medimo ya ditshwantsho le ba neng ba etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba dula dibakeng tseo. Jesu o ile a kgalemela Bakreste ba diphutheho tseo tse pedi hobane ba ne ba dumella batho hore ba etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tshen. 2:​14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re dumele ho etsa dintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tlwaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itshwere ka thata le ho re kgothaletsa ho tlola melao ya Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokwa ho dula o itshwere hantle le hore melao ya Modimo e buang ka boitshwaro e feletswe ke nako. Ka dinako tse ding re ka nna ra nahana hore ditaelo tseo Jehova a re fang tsona ha di a hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng.”—1 Bakor. 4:6. w23.07 16 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labone la 17 July

Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.—Diprov. 17:17.

Maria mme wa Jesu o ne a hloka ho matlafatswa. O ne a tlo ima empa a eso nyalwe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e jwang ho hodisa ngwana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngwana eo ha morao e neng e tla ba Mesia. Hape ka ha o ne a eso ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ya neng a tlo mo nyala hore o imme? (Luka 1:​26-33) Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe ditaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mora moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ya “motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le yena. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetswa ke moya wa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo kgothatsang ka mora wa Maria ya eso hlahe. (Luka 1:​39-45) Maria o ile a re Jehova “o entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:​46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebedisa Gabariele le Elizabetha. w23.10 14-15 ¶10-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share