Laboraro la 16 July
Jehova o a tseba hore menahano ya ba bohlale ha e na thuso.—1 Bakor. 3:20.
Re lokela ho qoba ho nahana jwalo ka batho. Haeba re nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ya hae. (1 Bakor. 3:19) Hangata “bohlale ba batho ba lefatshe lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Modimo. Bakreste ba bang ba phutheho ya Pergame le ya Thiatire ba ile ba susumetswa ke batho ba neng ba rapela medimo ya ditshwantsho le ba neng ba etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba dula dibakeng tseo. Jesu o ile a kgalemela Bakreste ba diphutheho tseo tse pedi hobane ba ne ba dumella batho hore ba etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tshen. 2:14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re dumele ho etsa dintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tlwaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itshwere ka thata le ho re kgothaletsa ho tlola melao ya Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokwa ho dula o itshwere hantle le hore melao ya Modimo e buang ka boitshwaro e feletswe ke nako. Ka dinako tse ding re ka nna ra nahana hore ditaelo tseo Jehova a re fang tsona ha di a hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng.”—1 Bakor. 4:6. w23.07 16 ¶10-11
Labone la 17 July
Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.—Diprov. 17:17.
Maria mme wa Jesu o ne a hloka ho matlafatswa. O ne a tlo ima empa a eso nyalwe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e jwang ho hodisa ngwana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngwana eo ha morao e neng e tla ba Mesia. Hape ka ha o ne a eso ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ya neng a tlo mo nyala hore o imme? (Luka 1:26-33) Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe ditaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mora moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ya “motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le yena. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetswa ke moya wa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo kgothatsang ka mora wa Maria ya eso hlahe. (Luka 1:39-45) Maria o ile a re Jehova “o entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebedisa Gabariele le Elizabetha. w23.10 14-15 ¶10-12
Labohlano la 18 July
O re entse marena le baprista hore re sebeletse Modimo Ntate wa hae.—Tshen. 1:6.
Ke barutuwa ba mmalwa feela ba Kreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba na le setswalle se ikgethang le Jehova. Batlotsuwa bana ba 144 000 e tlo ba baprista lehodimong le Jesu. (Tshen. 14:1) Karolo ya Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tshwantshetsa hore batlotsuwa ba kgethilwe hore e be bana ba Modimo ha ba ntse ba le lefatsheng. (Bar. 8:15-17) Karolo ya Sehalaledisiso e neng e le tabernakeleng e emela lehodimo e leng moo Jehova a dulang teng. “Kgaretene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso e emela mmele wa Jesu wa nama, o neng o etsa hore a se ke a kgona ho kena lehodimong e le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa wa tempele ya tshwantshetso. Ha Jesu a fana ka mmele wa hae wa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuwa monyetla wa ho phela lehodimong. Le bona ba lokela ho siya mmele ya bona ya nama e le hore ba ka fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong.—Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13